Dikgohlo tsohle di tla katwa, dithaba le maralla di bothalatswe, le tsona ditutudu di bothalatswe, baka tse makukuno di batalatswe.
Luka 3:5 - BIBELE Kgohlo e nngwe le e nngwe e tla katwa, thaba ka nngwe le leralla ka leng di bothalatswe, ho kgopamileng ho otlollwe, ditsela tse makukuno di batalatswe, Sesotho 1909/1961 (SO) Diphula tsohle di katwe, dithaba tsohle le maralla wohle a kokobetswe; ho kgopamileng ho lokiswe; ditsela tse makukuno di latswe; Baasraak Sotho NT Diphula tsohle di tla tlala, dithaba tsohle le leralla le leng le le leng di kokobetswe; mme tse kgopameng di tla batalatswa, le ditsela tse makukuno di batalatswe; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Diphula tsohle di tla tlala, dithaba tsohle le leralla le leng le le leng di kokobetswe; mme tse kgopameng di tla batalatswa, le ditsela tse makukuno di batalatswe; |
Dikgohlo tsohle di tla katwa, dithaba le maralla di bothalatswe, le tsona ditutudu di bothalatswe, baka tse makukuno di batalatswe.
Ke tla tsamaisa difofu ka tsela eo di sa e tsebeng, ke di tataise tseleng eo di sa e tlwaelang; lefifi ke tla le fetola lesedi kapele ho tsona, ke batalatse baka tse makukuno. Tsena ke ntho tseo ke tla di etsa, mme ha nka ke ka tlohela ho di etsa.
Ke tla o etella pele, ke batalatse dithaba, menyako ya lethose ke e thuake, mekwallo ya tshepe ke e robake.
Fate tsohle tsa naha di tla tseba, di tsebe hore ke nna Morena. Fate tse telele ke a di diha, tsa dikakatjhelana tsona ke di hodise; tse talana ke di omeletse, tse omeletseng ebe di a tlokoma. “ ‘Nna Morena, ke buile, mme ke tla etsa jwalo.’ ”