Luka 22:3 - BIBELE Yaba Satane o kena ka ho Judase ya bitswang Isekariota, eo e neng e le e mong wa ba leshome le metso e mmedi. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Satane o kena ho Judase, ya bitswang Iskariota, eo e neng e le wa palo ya ba leshome le metso e mmedi. Baasraak Sotho NT Yaba Satane o kena ho Judase ya bitswang Iskariota, e mong wa ba leshome le metso e mmedi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Satane o kena ho Judase ya bitswang Iskariota, e mong wa ba leshome le metso e mmedi. |
Empa Jesu a re ho yena: “Tloha, Satane! Ho ngotswe, ho thwe: “ ‘O tla kgumamela Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena a nnotshi.’ ”
O ile a rialo, e seng hobane a ne a tsotella mafutsana, empa hobane e ne e le leshodu, mme kaha a ne a tshwara mokotla wa tjhelete, o ne a utswa tse kentsweng kateng.
“Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: ‘Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe,’ a tshwanetse ho phethahala.
Ha ho jewa dijo tsa mantsiboya, Diabolosi o ne a se a kentse pelong ya Judase, mora Simone Isekariota, maikutlo a hore a eke Jesu.
Yaba Petrose o re: “Ananiase, ke ka baka lang Satane a keneng pelong ya hao hore o thetse Moya o Halalelang, mme o itshiele karolo ya tjhelete ya thekiso ya tshimo?