Luka 21:3 - BIBELE Jesu a re: “Kannete ke a le bolella: Mohlolohadi eo ya futsanehileng o noketse ho feta bohle, Sesotho 1909/1961 (SO) A re: Kannete ke re ho lona: Mohlolohadi eo ya fumanehileng, o noketse ho feta ba bang bohle; Baasraak Sotho NT A re: “Kannete ke re ho lona: Mohlolohadi enwa ya futsanehileng o noketse ho feta bohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re: “Kannete ke re ho lona: Mohlolohadi enwa ya futsanehileng o noketse ho feta bohle. |
A bona le mosadi e mong wa mohlolohadi, ya futsanehileng, a nokela teng tjheletana tse pedi.
hobane bao bohle ba noketse dinyehelo ba nkile bonkong, athe yena o noketse seo a se nkileng bohloking, sohle seo a neng a ena le sona, seo a neng a tla phela ka sona.”
“Kannete ke a le bolella, ho ne ho ena le basadi ba bangata ba bahlolohadi Iseraeleng mehleng ya Elia, pula e sa ne ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, tlala e kgolo e le teng naheng eo yohle.
Empa kannete ke a le bolella hore ho na le ba bang ba emeng mona, ba ke keng ba latswa lefu, ba eso ka ba bona Mmuso wa Modimo.”
“Ruri, motseng ona, Heroda le Pontiuse Pilato, le baditjhaba, le merabe ya Iseraele, ba kopane ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng,
Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.