Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.
Luka 2:2 - BIBELE Ngodiso ena ya pele e bile teng ha Kireniuse e le mmusisi wa Siria. Sesotho 1909/1961 (SO) Palo eo ke ya pele, ya etswa Kuirine e le mmusisi wa Siria. Baasraak Sotho NT (Tlhaloso ena ea pele e entsoe ha Cyrenease e le ’musisi oa Syria.) Contemporary Southern Sotho Bible 2024 (Tlhaloso ena ea pele e entsoe ha Cyrenease e le ’musisi oa Syria.) |
Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.
Mehleng eo ha tswa taelo ya Sesare Augosetose, ya hore batho ba lefatshe lohle ba ngodiswe.
Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Sesare Tiberiuse, ha Pontiuse Pilato a busa Judea, Heroda a busa Galelea, Filipi ngwanabo a busa naha ya Ituria le Terakonite, Losaniase a busa Abilene,
E ne e le lehlahana la mmusisi Seregiose Paulosi, monna ya sedi. Mmusisi enwa a bitsa Baranabase le Saule, hobane a ne a rata ho utlwa lentswe la Modimo.
Ha Galeo e le mmusisi wa Akaya, Bajuda ba tsohela Paulosi matla ka maikutlo a le mang, mme ba mo isa kgotla,
Kamorao ho mona ha hlaha Judase, Mogalelea, mehleng ya ha ho ne ho balwa batho, mme a kgelosa batho, ba mo latela. Le yena monna eo a timela, mme bohle ba neng ba dumetse ho yena ba qhalana.