Ha Morena a tsosa marako a Sione, o tla bonahatsa tlotla ya hae, a e bonahatse ho yona.
Luka 18:1 - BIBELE Jwale Jesu a ba bolella setshwantsho sa hore eka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala. Sesotho 1909/1961 (SO) Le hona Jesu a ba bolella setshwantsho sa ho re, e ka kgona ba rapele kamehla, mme ba se ke ba kgathala! Baasraak Sotho NT A ba bolella le setshwantsho sa hore batho ba lokela ho rapela kamehla, mme ba se ke ba kgathala; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A ba bolella le setshwantsho sa hore batho ba lokela ho rapela kamehla, mme ba se ke ba kgathala; |
Ha Morena a tsosa marako a Sione, o tla bonahatsa tlotla ya hae, a e bonahatse ho yona.
empa ba tshepileng Morena ba tla tsoha molota, ba fofele hodimo jwaloka ntsu; ba tla matha, empa ba ke ke ba kgathala, ba tsamaye, ba se ke ba fellwa ke matla.
Morena le se ke be la mo fa phomolo, ho fihlela a hlomamisa Jerusalema, a etsa hore lefatsheng mona e be Sebabatso!
“Ha ke ne ke le makgatheng, makgatheng a ho shwa, ke ile ka o hopola, wena Morena, thapelo ya ka ya finyella ho wena, ka Tempeleng ya hao e halalelang.
Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.”
Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.
Dithapelong le dikopong tsohle, le nne le rapele ka Moya ka nako tsohle. Le fadimehele ho rapella badumedi bohle ka tiisetso.
Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.
Le dumediswa ke Epafarase, mohahabo lona, mohlanka wa Kreste Jesu. Kamehla o le rapella ka matla, hore le eme le tiile, le phethehile, le amohetse ka ho tlala thato yohle ya Modimo.
Ha a se a nkile nako e telele a ntse a rapela Morena, Eli a nna a tadima molomo wa hae.