Empa ha ba ne ba kula, nna ke ile ka apara tse mahwashe, ka itlhokofatsa ka ho itima dijo, ka ba rapella ke sa kgaotse,
Luka 10:6 - BIBELE Haeba ngwana kgotso a le teng moo, kgotso ya lona e tla ba le yena, empa ho seng jwalo, e tla kgutlela ho lona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha mora wa kgotso a le teng moo, kgotso ya lona e tla dula ho yena, ha ho se jwalo, e tla kgutlela ho lona. Baasraak Sotho NT Mme ha mora wa kgotso a le teng, kgotso ya lona e tla dula hodima hae; ha ho se jwalo, e tla boela ho lona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ha mora wa kgotso a le teng, kgotso ya lona e tla dula hodima hae; ha ho se jwalo, e tla boela ho lona. |
Empa ha ba ne ba kula, nna ke ile ka apara tse mahwashe, ka itlhokofatsa ka ho itima dijo, ka ba rapella ke sa kgaotse,
Rona re tswaletswe Ngwana, rona re filwe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitswa Radimakatso le Moeletsi, Modimo ya matla, Rabosafeleng, Kgosana ya Kgotso.
Le dule tlung yona eo, le eja, le enwa le bona seo ba le fang sona, hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya le matlo.
Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela, hobane ka baka la tse jwalo kgalefo ya Modimo e tlela ba sa mo mameleng.
Morena wa kgotso ka sebele a ke a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle. Morena a ke a be le lona bohle.
Le le bana ba mamelang, le se ke la latela ditakatso tsa lona tsa kgale, ha le ne le sa hloka tsebo.
Ka baka leo, imamelle hore na o tla etsa jwang hobane monga rona, le bohle ba lelapa la hae, ba reretswe bobe. Monga rona ke motho ya kgopo hoo ho seng motho eo a ka mo mamelang.”