Yaba ho bewa dijo kapele ho yena, hore a je, empa yena a re: “Ha nka ke ka ja ke eso bolele ditaba tsa ka.” Labane a re: “Bua.”
Luka 10:4 - BIBELE Le se ke la nka sepatjhe, leha e le mokotlana, leha e le meqathatso, mme le se ke la dumedisa motho tseleng. Sesotho 1909/1961 (SO) Le se ke la nka mokotlana wa tjhelete, leha e le mokotla wa mofaho, kapa dieta; le se ke la dumedisa motho tseleng. Baasraak Sotho NT Le se ke la nka mokotlana wa ditjhelete, leha e le mokotla, kapa dieta, mme le se ke la dumedisa motho tseleng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Le se ke la nka mokotlana wa ditjhelete, leha e le mokotla, kapa dieta, mme le se ke la dumedisa motho tseleng. |
Yaba ho bewa dijo kapele ho yena, hore a je, empa yena a re: “Ha nka ke ka ja ke eso bolele ditaba tsa ka.” Labane a re: “Bua.”
Empa a re ho bona: “Le se ke la ntiehisa, kaha Morena o atlehisitse leeto la ka; ntokolleng, ke kgutlele ho monga ka.”
A qhanehelwa tonki, mme a re ho mohlanka wa hae: “Kganna tonki. O hle o tsamaye, o se ke wa hata butle, haese haeba ke o bolella jwalo.”
Elisha a re ho Gehasi: “Itlame letheka, o nke molamu wa ka, o tsamaye. Ha o ka kopana le motho, o se ke wa mo dumedisa; haeba motho a ka o dumedisa, o se ke wa mo arabela. O fihle o bee molamu wa ka hodima sefahleho sa ngwana.”
Yaba o bitsa ba leshome le metso e mmedi, a qala ho ba roma ka bobedi, a ba nea matla hodima meya e ditshila.
Jesu a re ho bona: “Ha ke ne ke le romile le se na sepatjhe, mokotla, le meqathatso, na le ile la haellwa ke letho?” Ba re: “Le letho.”
Davida a re ho Ahimeleke: “Na ha o na lerumo kapa sabole? Nna ha ke a tla le sabole ya ka, kapa dihlomo tsa ka, hobane thomo ya kgosi e ne e potlakile.”