Ebang se a o mamela kapa ha se o mamele, hobane ke setjhaba se mphetohetseng, feela se tla tseba hore moporofeta o bile teng hara sona.
Luka 10:10 - BIBELE Empa motseng ofe le ofe oo le kenang ho wona, mme ba sa le amohele, le tswele ditseleng tsa wona, le re: Sesotho 1909/1961 (SO) Empa leha e le motse ofe le ofe, oo le kenang ho wona, mme ba sa le amohele, le tswele diterateng tsa wona, le re: Baasraak Sotho NT Empa leha le kena motseng ofe kapa ofe, mme ba sa le amohele, le tswele diterateng tsa wona, le re: Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa leha le kena motseng ofe kapa ofe, mme ba sa le amohele, le tswele diterateng tsa wona, le re: |
Ebang se a o mamela kapa ha se o mamele, hobane ke setjhaba se mphetohetseng, feela se tla tseba hore moporofeta o bile teng hara sona.
Ha mang kapa mang a sa le amohele le ho mamela dipolelo tsa lona, tswang tlung eo kapa motseng oo, le hlohlore lerole maotong a lona.
‘Le lerole la motse wa lona, le re kgomaretseng maotong, re le hlohlorela lona e le bopaki bo le qosang. Feela le tsebe hona, hore Mmuso wa Modimo o se o fihlile.’
Ha le etswa motseng oo ba sa le amoheleng ho wona, le hlohlore lerole maotong a lona, e be bopaki bo ba qosang.”
Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”