le mpe le hlomphe Morena Modimo wa lona, mme o tla le namolela matsohong a dira tsa lona tsohle.”
Luka 1:71 - BIBELE O ne a re o tla re pholosa direng tsa rona, le matsohong a bohle ba re hloileng; Sesotho 1909/1961 (SO) a re, o tla re lwela ho bao e leng dira ho rona, le matsohong a bohle ba re hloileng; Baasraak Sotho NT hore re tle re pholoswe ho dira tsa rona, le matsohong a bohle ba re hloileng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hore re tle re pholoswe ho dira tsa rona, le matsohong a bohle ba re hloileng; |
le mpe le hlomphe Morena Modimo wa lona, mme o tla le namolela matsohong a dira tsa lona tsohle.”
Morena Modimo wa rona, ako re pholose; o re phuthe, o re ntshe ditjhabeng, re tle re boke lebitso la hao, lebitso la hao le halalelang, re o rorise re le motlotlo.
Mehleng ya kgosi eo, Juda e tla pholoswa, Iseraele le yona e iphelele ka kgotso. Lebitso le tla rewa kgosi eo ke lena: Morena ke yena ho loka ha rona.
Empa bona, ke tla phutha setjhaba sena dinaheng tsohle tseo ke neng ke se lelekele ho tsona, ha ke ne ke halefile, ke loloma ke bohale, kgalefo ya ka e tlokoma. Ke tla se kgutlisetsa hape sebakeng sena, ke etse hore se phele ho sona ka kgotso.
Ba tla phela teng ka kgotso, ba hahe matlo, ba leme masimo a morara. E, ba tla phela teng ka kgotso ha ke se ke ahlotse bohle ba ahelaneng le bona, ba neng ba ba nyedisa. Kahoo ditjhaba tseo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa tsona.’ ”
Ke tla etsa selekane sa kgotso le dinku tsa ka, ke fedise dibatana kahara naha, dinku tsa ka di iphelele ka kgotso lehwatateng, di ipothele merung.
Setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se fetoha lelobelo la baditjhaba, le dibatana tsa naha di ke ke tsa se harola. Se tla itulela ka kgotso ho se motho ya se tshosang.
Hoba ho fete matsatsi a mangata o tla futuha. Ka dilemo tse hlahlamang o tla kena naheng e sa tswa futuhelwa, eo setjhaba sa yona se ileng sa phuthwa dinaheng tse ngata ho ya dithabeng tsa Iseraele tseo e neng e le kgale di le feela. Se ne se ile sa ntshwa ditjhabeng tse ding, mme jwale se phela ka kgotso.
O lehlohonolo hakaakang, wena Iseraele! Ke mang ya ka tshwanang le wena? Le setjhaba se pholositsweng ke Morena, ke thebe ya lona e le thusetsang, ke yena sabole ya tlotla ya lona. Dira tsa lona di tla ineela ho lona, lona le di hatakele hodimo.”
Ya ntseng a etsa sebe ke wa Diabolosi, hobane haesale Diabolosi a etsa sebe ho tloha tshimolohong. Seo Mora wa Modimo a se tletseng ke ho fedisa mesebetsi ya Diabolosi.