Luka 1:4 - BIBELE hore o tsebe bonnete ba ditaba tseo o di rutilweng. Sesotho 1909/1961 (SO) o tle o tsebe ho tiya ha ditaba tseo o di rutilweng. Baasraak Sotho NT E le hore o tle o tsebe bonnete ba dintho tseo o di rutilweng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E le hore o tle o tsebe bonnete ba dintho tseo o di rutilweng. |
Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo, le hore ka ho dumela le tle le be le bophelo ka lebitso la hae.
O ne a rutilwe Tsela ya Morena. A bua ka ho tjheseha moyeng, a ruta ditaba tse amanang le Jesu ka hloko, le hoja a ne a tseba kolobetso ya Johanne feela.
o tseba thato ya hae, o tseba ho kgetha tse fetisang ka bohlokwa, kaha o rutilwe Molao.
Empa phuthehong nka rata ho bua mantswe a mahlano, a utlwisiswang, hore ke rute ba bang, ho ena le ho bua mantswe a diketekete a sa utlwahaleng.