Yare ha bo esa, bo bonahala hore ke Lea, Jakobo a re ho Labane: “Ke eng ee, eo o nketseditseng yona? Na ha ke o sebeletsa, ke ne ke sa sebeletse hore o nnee Ragele? Jwale o nthetseditseng?”
Joshua 9:22 - BIBELE Joshua a bitsa Bagibeone, a bua le bona, a re: “Ke hobaneng le ileng la re thetsa, la re le tswa hole, empa le ntse le ahelane le rona? Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Joshua o a ba bitsa, a ba bolella, a re: Le re thetseditseng ha le itse, le hole-hole le rona, athe le ahile hara rona? |
Yare ha bo esa, bo bonahala hore ke Lea, Jakobo a re ho Labane: “Ke eng ee, eo o nketseditseng yona? Na ha ke o sebeletsa, ke ne ke sa sebeletse hore o nnee Ragele? Jwale o nthetseditseng?”
Empa ke a tshaba, esere mohlomong maikutlo a lona a senyeha, la kgeloswa botshepehing ba lona ba nnete ho Kreste, jwalokaha noha e ne e thetse Eva ka mano a yona.
Kamora matsatsi a mararo ba entse selekane le bona, Baiseraele ba utlwela hore setjhaba sena se haufi le bona, se ahelane le bona.
Ba fihla ho Joshua, diahelong tsa hae, Gilegale, ba re ho yena le ho banna ba Iseraele: “Re tswa naheng e hole, mme re kopa hore o etse selekane le rona.”