Joshua 8:26 - BIBELE Joshua a se ke a kgutlisa letsoho la hae le neng le supile Ai ka lerumo, ho fihlela baahi bohle ba Ai a ba timeditse ho hang. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane Joshua, ha a ka a honyetsa letsoho la hae leo a le otlolotseng, le tshwereng lerumo, ho fihlela a timeleditse ruri bohle ba ahileng Ai. |
Ka yona nako eo ra hapa metse ya hae yohle, mme motse o mong le o mong o nang le baahi ra o ripitla ho hang, ra bolaya banna, le basadi, le bana, ra se ke ra siya le ya mong.
Jwale Morena a re ho Joshua: “Supa nqa Ai ka lerumo le ka letsohong la hao, hobane ke tla neelana ka motse oo matsohong a hao.” Joshua a supa nqa Ai ka lerumo le neng le le ka letsohong la hae.