A nka bahlabani ba ka bang kete tse hlano, ba lalla pakeng tsa Bethele le Ai, ka bophirimela ho Ai.
Joshua 8:13 - BIBELE Ba emisa bahlabani ka ditheko: Lebotho lohle le ne le le ka leboya ho motse, le la serao le ne le laletse ka bophirimela ho motse. Joshua yena a hlola bosiu boo ka kgohlong. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba emisa phafa tsohle jwalo ka nqa leboya ho motse, ba mekgahlelo bona ba le ka nqa bophirimela ho motse; Joshua yena a ya kgohlong bosiu. |
A nka bahlabani ba ka bang kete tse hlano, ba lalla pakeng tsa Bethele le Ai, ka bophirimela ho Ai.
Ha kgosi ya Ai e bona mabotho ana, banna ba motse ba potlakela ho tsoha ka madungwadungwana, ba tswa motseng, ba futuhela Baiseraele: E le kgosi le banna bohle ba yona, mme ba ya thulana le Baiseraele motheong o lebang Araba. Empa kgosi e ne e sa tsebe hore mabotho a laletse kamorao ho motse.
Ha le se le o hapile, le tla o tjhesa ka mollo; le etse jwalo ho ya ka taelo ya Morena. Jwale ke le laetse!”