Kamorao ha hlaha ngwanabo, ya tlamilweng ka kgwele e kgubedu letsohong la hae, mme a rewa lebitso la Sera.
Joshua 7:17 - BIBELE Malapa a Juda a atametswa, yaba o kgetha lelapa la Sera. Banna ba lelapa la Sera ba atametswa ka bomong, yaba ho kgethwa Sabedi. Sesotho 1909/1961 (SO) A atametsa methapo ya Juda, mme Modimo wa tshwara mothapo wa Sera; a atametsa monna ka mong wa mothapo wa Sera, mme Sabdi a tshwarwa. |
Kamorao ha hlaha ngwanabo, ya tlamilweng ka kgwele e kgubedu letsohong la hae, mme a rewa lebitso la Sera.
Bara ba Juda, ho ya ka malapa abo bona, ke Shela, ya tswetseng morabe wa Shela; le Perese, ya tswetseng morabe wa Perese; le Sera, ya tswetseng morabe wa Sera.
Joshua a tsoha ka madungwadungwana, a atametsa Baiseraele ka merabe ya bona, mme merabe wa Juda wa kgethwa.
Jwale banna ba ntlo ya Sabedi ba atametswa ka bomong, mme ha kgethwa Akane, mora wa Karimi, mora wa Sabedi, mora wa Sera, wa morabe wa Juda.