Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a qhaneha tonki ya hae, a nka ba babedi ba bahlanka ba hae, le mora wa hae, Isaka. A ratha patsi ya setjheso, a nto tsamaya ho ya sebakeng seo Modimo a mmoleletseng sona.
Joshua 7:16 - BIBELE Joshua a tsoha ka madungwadungwana, a atametsa Baiseraele ka merabe ya bona, mme merabe wa Juda wa kgethwa. Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Joshua o tsoha e sa le ka meso, a atametsa Baiseraele ka meloko ya bona, mme leloko la Juda la tshwarwa. |
Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a qhaneha tonki ya hae, a nka ba babedi ba bahlanka ba hae, le mora wa hae, Isaka. A ratha patsi ya setjheso, a nto tsamaya ho ya sebakeng seo Modimo a mmoleletseng sona.
Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Bo-Joshua, le bana bohle ba Iseraele, ba tsoha ka madungwadungwana, ba qala leeto la ho tloha Shitime, ba ya fihla Jorodane, ba robaletsa moo, ba tsoha ba tshela.
Monna ya tla kgethwa, e leng ya nang le ntho e rohakehileng, o tla tjheswa ka mollo, yena le tsohle tseo a nang le tsona, hobane o robile selekane sa Morena, le hobane o entse ketso a dihlong setjhabeng sa Iseraele.’ ”
Malapa a Juda a atametswa, yaba o kgetha lelapa la Sera. Banna ba lelapa la Sera ba atametswa ka bomong, yaba ho kgethwa Sabedi.