Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a qhaneha tonki ya hae, a nka ba babedi ba bahlanka ba hae, le mora wa hae, Isaka. A ratha patsi ya setjheso, a nto tsamaya ho ya sebakeng seo Modimo a mmoleletseng sona.
Joshua 6:12 - BIBELE Joshua a tsoha ka madungwadungwana, baprista ba jara areka ya Morena. Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a boela a tsoha e sa le hosasa, mme baprista ba jara areka ya Jehova. |
Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a qhaneha tonki ya hae, a nka ba babedi ba bahlanka ba hae, le mora wa hae, Isaka. A ratha patsi ya setjheso, a nto tsamaya ho ya sebakeng seo Modimo a mmoleletseng sona.
Bo-Joshua, le bana bohle ba Iseraele, ba tsoha ka madungwadungwana, ba qala leeto la ho tloha Shitime, ba ya fihla Jorodane, ba robaletsa moo, ba tsoha ba tshela.
A laela hore areka ya Morena e potolohe motse, e o potolohe hanngwe. Yaba ba kgutlela diahelong, ba robala teng.
Baprista ba supileng, ba nkileng manaka a supileng a pheleu, ba tsamaya kapele ho areka ya Morena, ba ntse ba letsa manaka ao. Bahlabani ba tsamaya kapele ho baprista, mme serao sa tsamaya kamora areka ya Morena, baprista bona ba ntse ba letsa manaka.