Ka letsatsi la boraro, ha batho bana ba ntse ba petla, bara ba babedi ba Jakobo, Simeone le Levi, dikgaitsedi tsa Dina, ba nka disabole tsa bona, ba futuhela motse lesumatha, ba bolaya bohle ba batona.
Joshua 5:8 - BIBELE Yare ha setjhaba sohle sa banna se se se boloditswe, sa dula dibakeng tsa sona moo diahelong, ho fihlela se fola. Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse hobane ba qete ho bolotsa setjhaba sohle, ba hlola diahelong tsa bona, ho fihlela ba ba ba fola. |
Ka letsatsi la boraro, ha batho bana ba ntse ba petla, bara ba babedi ba Jakobo, Simeone le Levi, dikgaitsedi tsa Dina, ba nka disabole tsa bona, ba futuhela motse lesumatha, ba bolaya bohle ba batona.
Bara ba bona, bao Modimo a ileng a thiba dikgeo tsa bo-ntata bona ka bona, ke bona bao Joshua a ileng a ba bolotsa. E ne e le maqai, hobane ba ne ba sa ka ba bolotswa ha ba le tseleng.
Morena a re ho Joshua: “Kajeno ke tlositse sekgobo sa Egepeta ho lona.” Ka baka leo, sebaka seo se bitswa Gilegale ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.