A bua ho bana ba Iseraele, a re: “Ka mehla e tlang, ha bana ba lona ba botsa bo-ntata bona, ba re: ‘Majwe aa a bolelang?’
Joshua 4:20 - BIBELE Majwe ane a leshome le metso e mmedi, ao baprista ba ileng ba a nka ka nokeng ya Jorodane, Joshua a a hloma Gilegale. Sesotho 1909/1961 (SO) Majwe a leshome le metso e mmedi ao ba neng ba a nkile Jordane, Joshua a a hloma Gilgale. |
A bua ho bana ba Iseraele, a re: “Ka mehla e tlang, ha bana ba lona ba botsa bo-ntata bona, ba re: ‘Majwe aa a bolelang?’
Le ba laele, le re: ‘Nkang majwe bohareng ba Jorodane, moo maoto a baprista a neng a eme teng; e be majwe a leshome le metso e mmedi. Le tshele le a nkile, le fihle le a bee moo le tla robaletsa teng bosiung bona.’ ”
Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Joshua a ba laetse. Ba nka majwe a leshome le metso e mmedi bohareng ba Jorodane, ho ya ka merabe ya bona jwalokaha Morena a ne a ile a bua ho Joshua. Ba tshela ba a nkile ho ya moo ba neng ba tla robaletsa teng, ba a bea hona moo.