La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 4:2 - BIBELE

“Kgethang banna ba leshome le metso e mmedi, morabeng o mong le o mong le kgethe monna a le mong.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ikgetheleng hara setjhaba banna ba leshome le metso e mmedi, monna a le mong lelokong le leng le le leng;

Ver Capítulo



Joshua 4:2
8 Referencias Cruzadas  

Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ho lekanya palo ya merabe ya bana ba Jakobo, eo lentswe la Morena le neng le fihle ho yena, la re: “Lebitso la hao e tla ba Iseraele.”


“Romela banna ho ya hlwela naha ya Kanana, eo ke e neang bana ba Iseraele. Morabeng o mong le o mong wa bo-ntata bona o romele monna a le mong; e mong le e mong wa bona e be kgosana.”


Morabeng o mong le o mong o tla nka kgosana e le nngwe ho arola naha, hore e be lefa.


“Hona ho ile ha nthabisa, mme ke ile ka nka banna ba leshome le metso e mmedi ho lona, monna a le mong morabeng o mong le o mong.


Ka baka leo, kgethang banna ba leshome le metso e mmedi merabeng ya Iseraele, morabeng o mong le o mong ho kgethwe monna a le mong.


Le ba laele, le re: ‘Nkang majwe bohareng ba Jorodane, moo maoto a baprista a neng a eme teng; e be majwe a leshome le metso e mmedi. Le tshele le a nkile, le fihle le a bee moo le tla robaletsa teng bosiung bona.’ ”