Joshua 24:29 - BIBELE Kamora tsena Joshua, mora wa Nune, mohlanka wa Morena, a shwa a le dilemo tse lekgolo le leshome. Sesotho 1909/1961 (SO) Kamora tseo, Joshua mora Nune, mohlanka wa Jehova, a shwa, a le dilemo tse lekgolo le nang le leshome le le leng. |
Josefa a shwa a le dilemo tse lekgolo le leshome, mme ba omeletsa setopo sa hae, ba se kenya lekeseng, moo Egepeta.
Yaba Moshe mohlanka wa Morena, o shwella naheng eo ya Moabe, jwalokaha Morena a ne a boletse.
Ba mo epela naheng eo a e jeleng lefa, Timina-Sera, e naheng e maralla ya Efraime, ka leboya ho thaba ya Gaashe.
Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Ngola. Ho tloha jwale, ho lehlohonolo bafu ba shwetseng tshebeletsong ya Morena.” “E,” ho rialo Moya, “ba tla phomotswa mekgathaleng ya bona, hobane mesebetsi ya bona e tla ba sala morao.”
Jwale Joshua, mora wa Nune, mohlanka wa Morena, a shwa a ena le dilemo tse lekgolo le leshome.
Ba mo epela naheng eo a e jeleng lefa, e leng Timina-Herese, naheng e maralla ya Efraime, ka leboya ho thaba ya Gaashe.