Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”
Joshua 22:24 - BIBELE “Re entse hona hobane re ne re tshaba hore ka nako e tlang bana ba lona ba tla re ho bana ba rona: ‘Le kopana ka eng le Morena Modimo wa Iseraele? Sesotho 1909/1961 (SO) Athe re entse hoo ka ho tshaba, ra re: Mehleng e tlang, bana ba lona ba tla bolella bana ba rona, ba re: Na le na le taba efe le Jehova, Modimo wa Iseraele, na? |
Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”
Ho tshepahala ha ka ho tla bonahala kamoso, ha o etla hore re hlahlobisane tsa moputso wa ka. Dipodi tsohle tse seng rolo, le dikonyana tse seng ntsho, ha di ka fumanwa mohlapeng wa ka, e tla ba ke di utswitse.”
“Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: ‘Hoo ke eng?’ wena o tle o re ho yena: ‘Ka letsoho la hae le matla, Morena o re ntshitse Egepeta, moo re neng re le makgoba teng.
“Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: ‘Ditemoso tsee, le melao ee, le ditaelo tsee, tseo Morena Modimo wa rona, a o laetseng tsona, di bolelang?’
Haeba re ikgahetse aletare hore re tlohele ho latela Morena, kapa ho nyehella hodima yona ka nyehelo ya setjheso, kapa ka nyehelo ya dijo, kapa ho nyehella ho yona ka dinyehelo tsa teboho, Morena a re ahlole ka boyena.
Pakeng tsa rona le lona, lona bana ba Rubene, le lona bana ba Gade, Morena o entse hore Jorodane e be moedi. Lona ha le na kabelo ya letho ho Morena!’ Ke moo bana ba lona ba tla etsa hore bana ba rona ba se ke ba hlola ba tshaba Morena.
Majwe ana e tla ba kgopotso hara lona ka mehla e tlang. Ha bana ba lona ba le botsa, ba re: ‘Majwe aa a bolelang?’