“Setjhaba sohle sa Morena se bua tjena: ‘Bohlabaphiyo boo ke bo jwang, boo le bo etseditseng Modimo wa Iseraele, ha e le moo kajeno le tlohetse ho latela Morena, ka ho ikgahela aletare, hore le fetohele Morena kajeno?
Ho itswe ke phutheho yohle ya Jehova: Molato oo ke o jwang oo le sitetsweng Modimo wa Iseraele ka wona, ha le furaletse Jehova kajeno, le bile le ikgahetse aletare, hore le tle le fetohele Jehova na?
Ke ne ke hlajwa ke dihlong ho kopa bahlabani le bapalami ba dipere ho kgosi, hore bao ba tle ba re sireletse ho dira tsa rona tseleng, hobane re ne re bua le kgosi, re re: “Letsoho la Modimo wa rona le sireletsa bohle ba mo sebeletsang, empa matla a hae le kgalefo ya hae di hodima bohle ba mo furallang.”
Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.
Bana ba bang ba Iseraele ba utlwa ho thwe: “Helang! bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba hahile aletare Gelelote, seterekeng sa Jorodane, lehlakoreng le ka ho bana ba Iseraele.”
“Ke a itshwabela ha e le mona ke ile ka etsa hore Saule e be kgosi, hobane o mphuraletse, ha a ya phetha seo ke mo laetseng sona.” Hona ha halefisa Samuele, mme a ipiletsa ho Morena bosiu bohle.