Ya neng a bina a eme ka letsohong le letona le Hemane, ke Asafo: Asafo mora wa Berekiya, Berekiya mora wa Shima,
Joshua 21:9 - BIBELE Metseng ya morabe wa bana ba Juda, le metseng ya morabe wa bana ba Simeone, Balevi ba abelwa metse ena, e bolelwang ka mabitso. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba newa lelokong la bana ba Juda le lelokong la bana ba Simeone, metse e itseng e boletsweng ka mabitso a yona. |
Ya neng a bina a eme ka letsohong le letona le Hemane, ke Asafo: Asafo mora wa Berekiya, Berekiya mora wa Shima,
Metse ena e seng e boletswe ka mabitso, e neng e le ya ba morabe wa Juda, le wa Simeone, le wa Benjamine, ba e abelwa ka lotho.
Metseng ya baprista, e leng moo a neng a sebeletsa teng ka botshepehi, a fepa ba baholo le ba banyenyane ho ya ka dihlopha tsa bona ka ho tshwana; o ne a thuswa ke Edene, le Mineyamine, le Jeshua, le Shemaya, le Amariya, le Shekaniya.
E ne e le ditloholo tsa Arone, tsa malapa a Kohate, tseo e neng e le bana ba Levi, hobane lotho la pele e ne e le la bona.
Lotho la malapa a Kohate la tswa. Bana ba moprista Arone, e leng Balevi, ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang ho ba morabe wa Juda, le ho ba morabe wa Simeone, le ho ba morabe wa Benjamine.
Bana ba Iseraele ba abela Balevi metse ena le makgulo a yona ka lotho, jwalokaha Morena a ne a laetse ka molomo wa Moshe.