Joshua 21:34 - BIBELE Naheng ya morabe wa Sebulone, malapa a bana ba Merari, e leng a mang a Balevi, a abelwa Jokoneame le makgulo a yona, le Karata le makgulo a yona, Sesotho 1909/1961 (SO) Ba matlo a bana ba Merari ba setseng ba Balevi ba newa, lelokong la Sabulone, Jokneame le meraka ya wona, Kartha le meraka ya wona; |
Ditloholo tsa Merari, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e mmedi naheng ya ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le wa Sebulone, tsa e abelwa ka lotho.
Naheng ya ba morabe wa Sebulone, karolo e setseng ya ba morabe wa Merari ya abelwa Rimone le makgulo a yona, le Tabore le makgulo a yona.
Moedi wa bona o ne o nyoloha ka bophirimela ho ya fihla Marala, le ho ya fihla Dabeshete, le ho ya fihla molatswaneng o ka botjhabela ho Jokoneame.
Metse e ne e le Katate, le Nahalole, le Shimerone, le Jidala, le Betlelehema; e le metse e leshome le metso e mmedi, le metsana ya yona.
Metse yohle ya morabe wa Gereshone, ho ya ka malapa abo bona, e ne e le leshome le metso e meraro hammoho le makgulo a yona.
Bana ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, ba abelwa metse e leshome le metso e mmedi, e tswang ho ba morabe wa Rubene, le ho ba morabe wa Gade, le ho ba morabe wa Sebulone.