Joshua 21:18 - BIBELE le Anatote le makgulo a yona, le Alamone le makgulo a yona. Ya eba metse e mene. Sesotho 1909/1961 (SO) Anathothe le meraka ya wona, le Almone le meraka ya wona: metse e mene. |
Kgosi ya re ho moprista Abiatare: “Eya Anatote, ha hao. O lokela ho bolawa, empa kajeno o ke ke wa bolawa, hobane o ne o jara areka ya Morena Modimo, o etella pele ntate, Davida, mme o jarisana ditsietsi tsohle le yena.”
Naheng ya ba morabe wa Benjamine ba abelwa Geba le makgulo a yona, le Alemete le makgulo a yona, le Anatote le makgulo a yona. Kaofela metse ya bona, ho ya ka malapa abo bona, e ne le leshome le metso e meraro.
Tsena ke dipolelo tsa Jeremia, mora wa Hilekiya, e mong wa baprista ba motse wa Anatote, o naheng ya Benjamine:
Naheng ya morabe wa Benjamine ya eba Gibeone le makgulo a yona, le Geba le makgulo a yona,
Metse yohle ya bana ba Arone, e leng baprista, e ne e le metse e leshome le metso e meraro le makgulo a yona.