“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ha motho a etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, feela e se ka morero, ho etswe tjena:
Joshua 20:5 - BIBELE Haeba mophetetsi wa madi a ka mo lelekisa, ha ba na ho neelana ka yena matsohong a mophetetsi eo, hobane mmolai o bolaile wa habo e se ka morero, mme le pele ho moo a ne a sa mo hloya. Sesotho 1909/1961 (SO) Mophetetsi wa madi ha a mo phallela, ba se ke ba mo nea mmolai; hobane o bolaile wa habo a sa hopole, a sa ka a mo hloya pele. |
“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Ha motho a etsa sebe, ka ho tlola o mong wa melao ya Morena, feela e se ka morero, ho etswe tjena:
Metse ena e tla ba setshabelo sa lona ho mophetetsi, e le hore mmolai a tle a se ke a bolawa a eso hlahiswe kapele ho setjhaba hore a ahlolwe.
Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi a tsholotsweng, e mmusetse motseng oo ho tshabelwang ho wona, moo a neng a balehetse teng. Mmolai eo o tla dula motseng oo ho fihlela Moprista e Moholo, ya neng a tlotsitswe ka ole e halalelang, a eshwa.