La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 2:7 - BIBELE

Baphaladisi bao ba nka tsela e yang madibohong a Jorodane, mme hanghang hoba baphaladisi bao ba tswe, monyako wa kwalwa.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Banna ba motse ba ba phallela ka tsela ya Jordane, ho ya fihla madibohong; mme ha kwalwa monyako wa motse, ha ba ba phalletseng ba tswile.

Ver Capítulo



Joshua 2:7
6 Referencias Cruzadas  

ba re: “Re fumane tjhankana e ntse e kwetswe ka thata, le balebedi ba eme menyako, empa ha re bula ra fumana ho se motho kahare.”


E ile yare ka nako eo ho kwalwang monyako wa lerako la motse ka yona, ha ho se ho le lefifi, banna bao ba tsamaya, ha ke tsebe hore na ba lebile kae; ba potlakeleng kapele, le tla ba tshwara.”


Empa o ne a ba hlweseditse kahodima marulelo, a ba kwahetse ka ditlhaka tsa motsitla, tseo a neng a di adile hodima marulelo.


Banna bao ba ne ba eso ka ba kgaleha, ha Rahaba a hlwella ka ho bona, kahodima marulelo.


Bagileade ba hapa madiboho a Jorodane ho thibela ba morabe wa Efraime, mme e ne e ye ere ha e mong wa ba morabe wa Efraime, ba phonyohileng, a re: “Ntumelleng ke tshele,” ebe banna ba Gileade ba re ho yena: “Na o wa morabe wa Efraime?” Ha a re: “Tjhe,”


Yaba o re ho bona: “Ntateleng, hobane Morena o neelane ka dira tsa lona, e leng Bamoabe, matsohong a lona.” Ba theoha ba mo latetse, ba hapa madiboho a Jorodane ao Bamoabe ba tshelang ho wona, mme ba se ke ba dumella le ya mong ho tshela.