empa bosiu barutuwa ba hae ba mo nka, ba mo ntsha le lerakong la motse ka ho mo lepeletsa a le ka sesiung.
Joshua 2:15 - BIBELE Yaba Rahaba o ba lepeletsa le fesetereng ka thapo, hobane ntlo ya hae e ne e ikgohlile ka lerako la motse, mme a phela kahara lerako. Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile o ba theosetsa ka fensetere, ka mohala, hobane ntlo ya hae e be e le hodima lerako la motse; o ne a ahile hodima lerako. |
empa bosiu barutuwa ba hae ba mo nka, ba mo ntsha le lerakong la motse ka ho mo lepeletsa a le ka sesiung.
empa ke ile ka ntshwa ka fesetere, ka theolwa lerakong ke le ka sesiung, mme ka phonyoha matsohong a hae.
Banna bao ba re ho yena: “Re tla o shwela, haeba o ke ke wa bolela taba ena ya rona. Ha Morena a se a re neile naha ena, re tla ba mosa ho wena, re tshepahale.”
A re ho bona: “Balehelang thabeng, esere baphaladisi ba lona ba kopana le lona. Le qete matsatsi a mararo le ipatile moo, ho fihlela baphaladisi ba lona ba be ba kgutla. Kamora moo le ka tswela pele leetong la lona.”
Yaba setjhaba se a howa, le baprista ba letsa manaka. Yare ha setjhaba se utlwa modumo wa manaka, sa howa haholo, mme lerako la helehela fatshe. Setjhaba sa kena ka motseng, monna ka mong a tobile pele feela, mme ba hapa motse oo.