Yaba Iseraele o re ho yena: “Ako ye, o yo bona hore na bana beno ba ntse ba phela hantle, le mohlape na, mme o kgutle o tlo mpolella.” Ha a mo roma ba ne ba le kgohlong ya Heborone. Josefa a tsamaya, a ya fihla Shekeme.
Joshua 14:14 - BIBELE Ka baka lena, Heborone ya eba lefa la Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, hobane a ne a ile a latela Morena Modimo wa Iseraele, ka ho tlala. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ka mokgwa oo Hebrone e bileng lefa la Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, ho fihlela kajeno; hobane o kile a latela Jehova, Modimo wa Iseraele, kahohle. |
Yaba Iseraele o re ho yena: “Ako ye, o yo bona hore na bana beno ba ntse ba phela hantle, le mohlape na, mme o kgutle o tlo mpolella.” Ha a mo roma ba ne ba le kgohlong ya Heborone. Josefa a tsamaya, a ya fihla Shekeme.
Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.
Ka mokgwa o jwalo Joshua a hapa naha yohle, ho ya ka tsohle tseo Morena a ileng a di laela Moshe. Joshua a nea Baiseraele naha eo e le lefa la bona, ho ya ka dikarolo tsa bona, le ka merabe ya bona. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.
Joshua a hlohonolofatsa Kalebe, mora wa Jefune, mme a mo nea Heborone, hore e be lefa la hae.
Pele ho moo, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba, mme Areba e ne e le senatlahadi hara Baanake. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.