La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 13:22 - BIBELE

E mong wa ba bolailweng ke bana ba Iseraele ka sabole e ne e le Bileame wa senohe, mora wa Beore.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Baalame, mora Beore, senohe, le yena o ne a bolailwe ka lerumo ke bana ba Iseraele, hara ba bang ba bolailweng.

Ver Capítulo



Joshua 13:22
10 Referencias Cruzadas  

Ha ho boloi ho Jakobo, ha ho bonohe ho Iseraele. Ka nako ya teng ho tla thwe ho Jakobo le ho Iseraele: ‘Modimo o sebeditse hakaakang!’


Ha Bileame a bona hore ho thabisa Morena ho hlohonolofatsa Iseraele, ha a ka a hlola a ya batla tsa boloi jwaloka pele, empa a tadima lehwatateng.


“Jwale bona, ke ya setjhabeng sa heso. A nke ke o hlokomedise seo setjhaba sa heso se tla se etsa setjhaba sa hao ka matsatsi a tlang.”


Hara ba bolailweng, dikgosi tsa Bamidiane tse bolailweng e ne e le Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng dikgosi tse hlano tsa Bamidiane. Le Bileame, mora wa Beore, ba mmolaya ka sabole.


Moedi wa bana ba Rubene o ne o fella Jorodane. Lena e ne e le lefa la bana ba Rubene, ho ya ka malapa abo bona, e leng metse le metsana ya yona.


Ba kgelohile tsela e nepahetseng, mme ba lahlehile ka ho latela tsela ya Bileame, mora wa Bosore, ya neng a hohelwa ke moputso wa bokgopo,


Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.


Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela.


“Leha ho le jwalo, ho na le tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena. Moo haeno, o na le ba kgomaretseng thutong ya Bileame, ya ileng a ruta Balake ho dihela bana ba Iseraele sebeng, ka ho re ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, ba etse le bohlola.