Lebitso la mosadi wa Momidiane, ya ileng a bolawa, e ne e le Kosebi, moradi wa Sure, kgosana ya ntlo e nngwe ya Moabe wa Bamidiane.
Joshua 13:21 - BIBELE le metse yohle e phuleng, le naha yohle ya Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a busa Heshebone, eo Moshe a neng a mmolaye hammoho le mahosana a Midiane: Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng mahosana a Sihone, a neng a ahile naheng ena. Sesotho 1909/1961 (SO) le metse yohle e ka lehwatateng, le mmuso wohle wa Sihone, morena wa Baamore, ya neng a busa Heshbone, eo Moshe a neng a mo hlotse, yena le dikgosana tsa Midiane e e leng Evi, le Rekeme, le Tsure, le Hure, le Reba, bao e neng e le batho ba Sihone, ha ba ntse ba ahile fatsheng leo. |
Lebitso la mosadi wa Momidiane, ya ileng a bolawa, e ne e le Kosebi, moradi wa Sure, kgosana ya ntlo e nngwe ya Moabe wa Bamidiane.
Hara ba bolailweng, dikgosi tsa Bamidiane tse bolailweng e ne e le Efi, le Rekeme, le Sure, le Hure, le Reba, e leng dikgosi tse hlano tsa Bamidiane. Le Bileame, mora wa Beore, ba mmolaya ka sabole.
Ra hapa metse yohle e phuleng, le Gileade yohle, le Bashane yohle, ho ya fihla Saleka, le Ederei, e leng metse ya mmuso wa Oge, e naheng ya Bashane.”