La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 41:3 - BIBELE

Ishemaele a bolaya le Bajuda bohle ba neng ba ena le Gedaleya motseng wa Misepa, hammoho le bahlabani ba Bakalatiya ba neng ba le moo.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

le bona Bajuda kaofela ba neng ba le teng ho Gedalia, Mitspe, le Bakalde ba neng ba le teng, e le bahlabani, Ishmaele a ba bolaya.

Ver Capítulo



Jeremia 41:3
6 Referencias Cruzadas  

Empa ka kgwedi ya bosupa Ishemaele, mora wa Netaniya, setloholo sa Eleshama wa leloko la kgosi, a tla a ena le banna ba leshome, a fihla a bolaya Gedaleya, a bolaya le Bajuda le Bakalatiya ba neng ba ena le yena moo Misepa.


Bohlale bo molemo ho feta hlomo tsa ntwa, modibe ya mong o senya tse ngata tse molemo.


Ishemaele, mora wa Netaniya, le banna ba leshome, bao a neng a ena le bona ba raoha, ba hlatha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ka sabole, ba bolaya ya neng a kgethilwe ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa naha eo.


Hoba ho fete letsatsi Gedaleya a bolailwe, ho eso be le motho ya ka tsebang tsa polao eo,


Jerusalema o lla sa mmokotsane bosiu, keledi di keleketla marameng a hae. Hara baratuwa bohle ba hae, ha ho le ya mong ya mo tshedisang. Metswalle ya hae yohle e mo ekile, metswalle e fetohile dira tsa hae.