Ke tla eketsa bahlolohadi hara setjhaba sena, ba ngatafale ho feta hlabathe la lewatle. Hara mpa motsheare ke tla tlisa motimetsi, a timetse basadi ba tswetseng bahlankana, hanghang tshabo le thothomelo di ba wele hodimo.
Jeremia 16:3 - BIBELE Morena o bua tjena, ka bara le baradi ba tswaletsweng naheng ena, le ka basadi bao e leng bo-mma bona, le ka banna bao e leng bo-ntata bona: Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa bara le bakeng sa baradi ba ka tswalwang nqalong ena, le bakeng sa bomma bona ba ba belehang, le bakeng sa bontata bona ba ba tswalang fatsheng lena: |
Ke tla eketsa bahlolohadi hara setjhaba sena, ba ngatafale ho feta hlabathe la lewatle. Hara mpa motsheare ke tla tlisa motimetsi, a timetse basadi ba tswetseng bahlankana, hanghang tshabo le thothomelo di ba wele hodimo.
Morena o bua tjena: “O se ke wa kena ka tlung e nang le bofifi, o se ke wa lla le ba ka ho yona kapa wa ba tshedisa, hobane ke amohile setjhaba sena kgotso ya ka le lerato la ka le kutlwelobohloko ya ka,” ho rialo Morena.
Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ena ya lona, moo le ntseng le bona, hona sebakeng sena, ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.’
Kahoo Morena o bua tjena: “Ke tla hloma dikgopi tseleng ya tjhaba sena, di tla kgopa bo-ntata le bara ka ho tshwana, metswalle le ba ahelaneng le yona ba tla timela.”
‘Ere ho ba ntlo ya Iseraele, Morena Modimo o bua tjena: Bonang, ke tla silafatsa Sehalalelo sa ka, e leng qhobosheane eo le ikgantshang ka yona, eo le e ratang haholo, eo le e qenehelang. Bara le baradi ba lona, bao le ba siileng Jerusalema, ba tla bolawa ka sabole.