Jwale moprista Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa Morena, le kgosi, le setjhaba, hore e be setjhaba sa Morena. A se etsa le pakeng tsa kgosi le setjhaba.
Jeremia 11:2 - BIBELE “Mamela mantswe a selekane sena, mme o a bolelle setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Sesotho 1909/1961 (SO) Mamelang mantswe a selekane sena, le a bolelle batho ba Juda le baahi ba Jerusalema. |
Jwale moprista Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa Morena, le kgosi, le setjhaba, hore e be setjhaba sa Morena. A se etsa le pakeng tsa kgosi le setjhaba.
Jwale Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa hae le setjhaba, le kgosi, hore e be setjhaba sa Morena.
Jwale ke rerile ho etsa selekane le Morena Modimo wa Iseraele, e le hore kgalefo ya hae e tshabehang e tle e fele.
Kgosi ya ema ditulong tsa yona, ya etsa selekane kapele ho Morena, ya re e tla latela Morena, e boloke ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, ho phethisa mantswe a selekane, a ngotsweng bukeng ena.
Ha feela le ka mamedisa lentswe la ka, mme la boloka selekane sa ka, le tla ba setjhaba sa ka se kgethehileng hara ditjhaba tsohle, hobane lefatshe lohle ke la ka.
Yaba Morena o re ho nna: “Phatlalatsa mantswe ana wohle metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, o re: ‘Mamelang mantswe a selekane sena, le phethe seo a se bolelang.