La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Hosea 4:4 - BIBELE

“Empa ho se be motho ya tsekang, kapa motho ya nyatsang e mong; ke nna ya qosang wena moprista.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ho se ke ha eba ya tsekang, ho se ke ha eba ya kgalemelang! hobane ba setjhaba sa hao ba jwaloka ba hanyetsang moprista.

Ver Capítulo



Hosea 4:4
8 Referencias Cruzadas  

Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”


Ke tla etsa hore leleme la hao le kgomarele mahalapeng a hao, o be semumu, o sitwe ho ba kgalemela, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.


Efraime o kgomaretse medingwana, mo leseng, le mo tlohele.


Le hloile ya lwanelang toka, a e lwanela ka makgotleng, le bile le nyedisa ya buang nnete.


Mohlang oo ya bohlale o tla ikgutsetsa, hobane mehla e tla ba e le e mahlonoko.


Leha e mong wa bona, ya tshwanelang ho tjhesa ditopo, a ka tla di ntsha ka tlung, mme a botsa eo ebang o ntse a ipatile motsheo, a re: “Na ho sa na le e mong kantle ho wena?” Eo a araba, a re: “Tjhe!” Ke moo eo a tla re: “Thola! Ha re a tshwanela ho bitsa lebitso la Morena.”


Motho ya ikgohomosang, ya sa mameleng moprista ya sebeletsang kapele ho Morena, kapa ya sa mameleng moahlodi, ya jwalo o tla bolawa. Le tla tlosa bobe jwalo setjhabeng sa Iseraele.