Haggai 2:8 - BIBELE ‘Silefera ke ya ka, le yona kgauta ke ya ka,’ ho rialo Morena wa mabotho. Sesotho 1909/1961 (SO) Silefera ke ya ka, le kgauta ke ya ka, ho bolela Jehova wa makgotla. |
Pesalema ya Davida. Lefatshe ke la Morena le tsohle tse ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.
“Tlotla ya Lebanone e tla tliswa ho wena: Difate tsa modutu le tsa phaene, le tsa kiperese, tsena di tla tliswa ho kgabisa sehalalelo sa ka, mme ke tla tlotlisa Tempele eo ke ahileng ho yona.
Bakeng sa lethose ke tla o tlisetsa kgauta, bakeng sa tshepe ke o tlisetse silefera; bakeng sa lehong ke tla o tlisetsa lethose, ke o tlisetse tshepe bakeng sa majwe a moralla. Ke tla etsa hore kahohle kgotso e rene, ho loka e be yena mmusi wa hao.