La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Genese 48:1 - BIBELE

Kamora tsena, e mong a behela Josefa, a re: “Hela! ntatao o a kula.” Josefa a tsamaya le bara ba hae ba babedi, Manase le Efraime.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Kamora ditaba tsena ba re ho Josefa: Utlwa, ntatao o bohloko. Yaba o nka bara ba hae ba babedi, Manasse le Efraime.

Ver Capítulo



Genese 48:1
12 Referencias Cruzadas  

Bara ba Josefa, bao Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One, a neng a mo tswalle bona naheng ya Egepeta, ke Manase le Efraime.


Yaba ho tsebiswa Jakobo, ho thwe: “Bona, mora wa hao, Josefa, o tlilo o bona.” Iseraele a itiisa, a dula hodima diphate.


“Jwale bara ba hae ba babedi, bao o ba tswaletseng naheng ya Egepeta, pele ke etla ho wena mona Egepeta, ke ba ka. Efraime le Manase e tla ba bara ba ka jwaloka Rubene le Simeone.


Josefa a bona moloko wa boraro wa bana ba Efraime; le bana ba Makiri, mora wa Manase, bao Josefa a ileng a ba nka e le bana ba hae.


Elisha o ne a kulela lefu. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o theohela ho yena; ha a ntse a lla, meokgo ya hae ya keleketlela hodima sefahleho sa Elisha, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!”


Elisha a shwa, mme a epelwa. Ha selemo se thwase, mabothwana a Bamoabe a futuhela naha.


Kamora mona, Jobo a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mane. A bona bana ba hae le ditloholo le ditloholwana tsa hae ho ya fihla molokong wa bone.


O ke o bone bana ba bana ba hao. Kgotso e ke e be teng Iseraele.


Jwale bo-kgaitsedie ba romela ho Jesu, ba re: “Morena, tseba, eo o mo ratang o a kula.”


Ka tumelo ha Jakobo a le lekgatheng la ho shwa, o ile a hlohonolofatsa bara ba Josefa ka bonngwe, mme a kgumama, a rapela a itsheheditse ka lere la hae.


hobane bana ba Josefa e ne e le merabe e mmedi: wa Manase le wa Efraime. Balevi bona ha ba a ka ba abelwa naha, haese metse ya bodulo, le dibakana tse e potapotileng, hore e be tsa makgulo a dikgomo tsa bona, le a mehlape ya bona.