La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Genese 4:9 - BIBELE

Morena a re ho Kaine: “Ngwaneno, Abele, o kae?” Kaine a araba, a re: “Ha ke tsebe! Na ke nna modisana wa ngwaneso?”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Jehova a re ho Kaine: Abele ngwaneno o kae? Kaine a re: Ha ke tsebe; a ke modisa wa ngwaneso na?

Ver Capítulo



Genese 4:9
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Juda o re ho bana babo: “Re tla boellwa ke eng, ha re bolaya ngwanabo rona, mme re pata madi a hae?


Ba romela seaparo seo se fihlang matsohong le maotong, sa iswa ho ntata bona, mme ba re: “Re fumane ntho ena; ako bone hore na ke seaparo sa mora wa hao, kapa tjhe.”


Morena a re: “O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le ipiletsa ho nna le etswa mobung.


Rokang Morena ya busang Sione, phatlalatsang diketso tsa hae, le di phatlalatse hara ditjhaba,


hobane ya phetetsang madi o hopola bahlophehi, ha a lebale sello sa bona.


Ya patang dibe tsa hae a ke ke a ba le katleho; ya ipolelang tsona, a di bakela, o tla fumana mohau.


Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.