A boela a tswala Abele, moena Kaine. Abele e ne e le modisa wa dinku, athe Kaine yena e ne e le molemi.
Genese 4:3 - BIBELE Ha nako e ntse e eya, Kaine a tlisetsa Morena nyehelo ya dilopotsiya. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha isaisa, Kaine a tlisetsa Jehova kabelo ya tse mediswang ke lefatshe; |
A boela a tswala Abele, moena Kaine. Abele e ne e le modisa wa dinku, athe Kaine yena e ne e le molemi.
Abele le yena a mo tlisetsa matsibolo a nonneng a mohlape wa hae. Morena a kgahlwa ke Abele le nyehelo ya hae,
Empa ka nako ena yohle, nna Nehemia, ke ne ke se Jerusalema, hobane ka selemo sa mashome a mararo a metso e mmedi sa puso ya Aretaseresese, kgosi ya Babilona, ke ne ke ye ho yena. Kamora nako e itseng ka kopa hore kgosi e ntokolle, ke tsamaye.
“Ole e ntle ka ho fetisisa, le veine e monate ka ho fetisisa, le koro e ntle ka ho fetisisa e leng dilopotsiya tseo ba di abelang Morena, tsona ke o nea tsona.
Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.