Ena ke yona tshimoloho ya lehodimo le lefatshe, ha di ne di hlolwa. Mohla Morena Modimo a etsang lefatshe le lehodimo,
Genese 1:3 - BIBELE Modimo a re: “Lesedi le be teng!” Yaba lesedi le ba teng. Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo wa re: Lesedi ha le be teng, mme lesedi la eba teng. |
Ena ke yona tshimoloho ya lehodimo le lefatshe, ha di ne di hlolwa. Mohla Morena Modimo a etsang lefatshe le lehodimo,
Morena ke Modimo; o a re bonesetsa. Tshwarang mahlaku, le koloke, le be le yo fihla manakaneng a aletare.
Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae.
Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi, ke a pholosa ke be ke timetse, nna Morena, tsena tsohle ke a di etsa.
Letsatsi e ke ke ya hlola e eba lesedi la hao motsheare, le bosiu ngwedi e ke ke ya hlola e o bonesetsa; Morena e tla ba lesedi la hao, sedi la kamehla yohle, Modimo wa hao e be yena tlotla ya hao.
Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Ke a rata, hlweka!” Hanghang lepera la hae la hlwekiswa, a fola.
Kahlolo ke ena: Lesedi le tlile lefatsheng, empa batho ba ratile lefifi ho ena le lesedi, hobane mesebetsi ya bona e ne e le mebe.
Modimo ya itseng: “Lesedi le kganye lefifing,” ke yena ya kgantsheditseng dipelo tsa rona, hore di be le lesedi la tsebo ya tlotla ya Modimo, e kganyang sefahlehong sa Kreste.
Tsohle tse bonahatswang ke lesedi di fetoha lesedi. Ke ka baka leo ho thweng: “Tsoha, wena morabadi, tsoha bafung, mme Kreste o tla o bonesetsa.”
Pele le ne le le lefifing, empa kajeno le leseding, hobane le ba Morena. Phelang jwaloka bana ba lesedi.
yena a inotshi ya sa shweng, ya ahileng leseding le ke keng la atamelwa, eo ho seng motho ya kileng a mmona, kapa ya ka mmonang. Hlompho le matla a sa feleng e ke e be tsa hae. A ho be jwalo!
Molaetsa oo le ileng la o utlwa ho Mora wa hae, oo re le bolellang wona, ke ona: Modimo ke lesedi, mme ho yena lefifi ha le yo ho hang.
Leha ho le jwalo, ke taelo e ntjha eo ke le ngollang yona; hoo ke nnete ka ho yena le ka ho lona, kaha lefifi le se le ntse le feta, mme lesedi la nnete le se le kganya.