Ke qala ka ho leboha Modimo wa ka, ka Jesu Kreste, ka baka la lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle.
Filemone 1:4 - BIBELE Kamehla ha ke o hopola dithapelong tsa ka, ke leboha Modimo, Sesotho 1909/1961 (SO) Ke leboha Modimo wa ka kamehla, ha ke ntse ke o hopola merapelong ya ka, Baasraak Sotho NT Ke leboha Modimo wa ka, ha ke o hopola kamehla merapelong ya ka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke leboha Modimo wa ka, ha ke o hopola kamehla merapelong ya ka. |
Ke qala ka ho leboha Modimo wa ka, ka Jesu Kreste, ka baka la lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle.
Kamehla re leboha Modimo ka baka la lona bohle, mme ha re phetse ho le hopola dithapelong tsa rona.
Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.
Ke leboha Modimo, eo ke mo sebeletsang ka letswalo le kgutsitseng jwaloka bo-ntata rona moholo. Kamehla, bosiu le motsheare, ha ke phetse ho o hopola dithapelong tsa ka.
hobane ke utlwa ho bolelwa tumelo eo o nang le yona ho Morena Jesu, le lerato leo o nang le lona ho badumedi bohle.