Modimo a ke a o nee phoka ya lehodimo, le monono wa lefatshe, le tjhai ya koro le ya veine.
Eksoda 21:2 - BIBELE “Ha o reka lekgoba leo e leng Moheberu, le tla o sebeletsa ka dilemo tse tsheletseng, mme ka selemo sa bosupa le tla lokoloha le sa lefe letho. Sesotho 1909/1961 (SO) Etlare hobane o reke lekgoba la Moheberu, le tla o sebeletsa ka lemo tse tsheletseng; ka sa bosupa, le tla tswa feela, le sa lefe letho. |
Modimo a ke a o nee phoka ya lehodimo, le monono wa lefatshe, le tjhai ya koro le ya veine.
Yaba Esau o re: “Na ha a ya bitswa Jakobo ka nepo? Hobane o nqhekanyeditse habedi. O ile a nka ditokelo tsa boholo ba ka, mme jwale bona, o nkile le mahlohonolo a ka!” A tswela pele, a re: “Na nna ha o a ntshiela lehlohonolo?”
Mosadi e mong, eo monna wa hae e neng e le e mong wa sehlopha sa baporofeta, a fihla ho Elisha, a re: “Mohlanka wa hao, e leng monna wa ka, o shwele. O a tseba hore mohlanka eo wa hao o ne a hlompha Morena. Jwale motho eo monna wa ka a neng a nkile molato ho yena, o tlile ho tla nka bara ba ka ba babedi, ho ya ba etsa makgoba a hae.”
Ka re ho bona: “Ho ya kamoo re bileng le hona kateng, re lopolotse bana babo rona, e leng Bajuda ba neng ba rekiseditswe baditjhaba. Jwale lona le rekisa bana babo lona, hore re tle re ba reke hape!” Ba kgutsa tu! ba sitwa ho bua!
Haeba le ile la tla ho wena le le inotshi, le tla tloha le le inotshi; athe haeba le tlile le mosadi, mosadi eo wa lona o tla tsamaya le lona.
“Ha motho a rekisa moradi wa hae hore e be lekgoba, moradi eo a ke ke a lokoloha jwaloka lekgoba la monna.
Haeba a ka le bolaya motsheare, o tla fumanwa a le molato wa ho tsholla madi. “Leshodu le tla lefiswa. Haeba leshodu le se na letho, le tla rekiswa ho lefella boshodu ba lona.
“ ‘Empa haeba a sa lopollwe ka dilemo tsena tse sa setseng, o tla lokoloha ka selemo sa mokete wa tokoloho, yena le bana ba hae.
Kaha a ne a hloka seo a neng a ka lefa ka sona, monga hae a laela hore a rekiswe hammoho le mosadi wa hae, le bana ba hae, le tsohle tseo a nang le tsona, mme ho lefshwe.
“Ho se ke ha eba thata ho lokolla lekgoba la hao, hobane mosebetsi oo le o etseditseng wona ka dilemo tse tsheletseng, o lekanwa ke moputso wa bahlanka ba babedi ba hirilweng, mme Morena Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa ho tsohle tseo o di etsang.”
Moshe a ba laela, a re: “Qetellong ya selemo sa bosupa, ka nako e beetsweng ho leballana melato, ka mokete wa maphephe,