Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.”
Eksoda 1:6 - BIBELE Josefa a shwa, le bana babo bohle, le moloko oo wohle. Sesotho 1909/1961 (SO) Josefa a shwa, le banababo le moloko oo kaofela. |
Yaba Josefa o re ho bana babo: “Ke se ke le lekgatheng la ho shwa, empa Modimo o tla le etela, a le nyolle naheng ena, a le isa naheng eo a neng a e hlapanyetse Aborahama, le Isaka, le Jakobo hore o tla ba nea yona.”
Josefa a shwa a le dilemo tse lekgolo le leshome, mme ba omeletsa setopo sa hae, ba se kenya lekeseng, moo Egepeta.
Ha moloko oo wohle o se o oroseditswe ho bo-ntata wona, ha hlaha moloko o mong, o sa kang wa tseba Morena, kapa mesebetsi eo Morena a e etseditseng Baiseraele.