Yaba Daniele o bua le molebedi eo mookamedi wa bahlanka ba kgosi, a neng a mmeile ho lebela Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya, o re:
Daniele 1:12 - BIBELE “Ako leke bahlanka ba hao ka matsatsi a leshome feela, re feptjwe meroho feela, re nwe metsi feela. Sesotho 1909/1961 (SO) Ako leke bahlanka ba hao ka matsatsi a leshome, re fuwe meroho ho ja, le metsi ho nwa. |
Yaba Daniele o bua le molebedi eo mookamedi wa bahlanka ba kgosi, a neng a mmeile ho lebela Daniele le Hananiya, le Mishaele le Asariya, o re:
Kamora moo o bapise difahleho tsa rona le tsa bahlankana ba jang dijo tse jewang ke kgosi, o nto etsa ka bahlanka ba hao kamoo o bonang kateng.”
Yaba molebedi o tlosa dijo tsa bona tse hlabosang, le veine eo ba neng ba tshwanela ho e nwa, o ba fepa meroho feela.
E mong, ka tumelo ya hae, o ja dijo tsohle; e mong, ka ho fokola ha tumelo ya hae, o ja meroho feela.
O ile a le kokobetsa, a le bolaisa tlala, a le fepa ka manna ao lona le bo-ntata lona le neng le sa a tsebe, hore le tle le tsebe hore motho ha a phele ka bohobe feela, empa o phela le ka polelo e nngwe le e nngwe e tswang molomong wa Morena.
O se tshabe letho la tse tlang ho o hlokofatsa. Bona, Diabolosi o tla akgela ba bang ba lona tjhankaneng, e le hore le tle le lekwe, mme le hloriswe ka matsatsi a leshome. O tshepahale ho isa lefung; ke tla o nea mofapahlooho wa bophelo.