Ka thuso ya Morena Jesu ke tshepile ho le romela Timothea haufinyane, le nna ke tle ke kgothale ha ke utlwa tsa bophelo ba lona.
BaFilipi 2:24 - BIBELE Ka thuso ya Morena ke na le tshepo e tiileng ya hore le nna ke tla tla ho lona haufinyane. Sesotho 1909/1961 (SO) Hape, ke kgolwa Moreneng hoba le nna ke tla tla kapele ho lona. Baasraak Sotho NT Empa ke tshepile Moreneng hore le nna ke tla tla kapele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ke tshepile Moreneng hore le nna ke tla tla kapele. |
Ka thuso ya Morena Jesu ke tshepile ho le romela Timothea haufinyane, le nna ke tle ke kgothale ha ke utlwa tsa bophelo ba lona.
Hape o ntokisetsi bodulo, hobane ke na le tshepo ya hore ka dithapelo tsa lona ke tla kgutlisetswa ho lona.
Ke sa na le tse ngata, tseo nka le bolellang tsona, empa ha ke rate ho di ngola; feela ke tshepa hore ke tla le etela, ke tle ke bue le lona re shebane, e le hore thabo ya rona e tle e be e tletseng.