La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Baefese 2:9 - BIBELE

hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

hase ka mesebetsi, ho tle ho se ka ha eba motho ya ithorisang.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

E seng ka mesebetsi, hore ho se be motho ya ithorisang.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

E seng ka mesebetsi, hore ho se be motho ya ithorisang.

Ver Capítulo



Baefese 2:9
9 Referencias Cruzadas  

Empa haeba e le ka mohau, ha e sa le ka baka la diketso; ho seng jwalo, mohau ha e sa le mohau.


Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.


Haeba Aborahama a lokafaditswe ka baka la diketso tsa hae, o na le seo a ka ithorisang ka sona, empa a ke ke a ithorisa pela Modimo.


Yare bana ba eso tswalwe, ba eso etse letho le letle kapa le lebe, hore morero wa Modimo, o yang kamoo a ikgethelang kateng, o tle o tiye,


Ka baka leo, hase taba ya thato kapa ya boiteko ba motho, empa ke ya mohau wa Modimo,


ya re pholositseng, mme ya re bitseditseng hore re halalele, e seng ka baka la mesebetsi ya rona, empa e le ka baka la morero wa hae le mohau wa hae. O re file mohau ona ka Kreste Jesu, mehla e eso be teng.