Morena, mesebetsi ya hao e mengata hakaakang! Tsohle o di entse ka bohlale, lefatshe le tletse dibopuwa tsa hao!
Baefese 1:8 - BIBELE Modimo o re atiseditse mohau oo haholo, ka ho re fa bohlale le kutlwisiso yohle. Sesotho 1909/1961 (SO) oo Modimo o re atiseditseng wona ka bohlale bohle le ka kelello yohle; Baasraak Sotho NT moo o re atiseditseng ho wona ka bohlale bohle le kelello; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 moo o re atiseditseng ho wona ka bohlale bohle le kelello; |
Morena, mesebetsi ya hao e mengata hakaakang! Tsohle o di entse ka bohlale, lefatshe le tletse dibopuwa tsa hao!
Bonang, mohlanka wa ka o tla atleha, o tla tlotlwa, a thoholetswe, a phahamisetswe tulong tse hodimo.
Mora Motho yena o tlile a eja, a enwa, yaba ho thwe: ‘Motho enwa ke monyollo le senwi sa veine, ke motswalle wa balekgetho le baetsadibe.’ Empa bohlale bo netefatswa ke mesebetsi ya bona.”
Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang!
Empa mpho ya mohau ha e jwaloka tshito, hobane ha e le moo bohle ba ile ba shwa ka tshito ya motho eo a le mong, mohau wa Modimo le mpho e filweng bohle ka mohau wa motho a le mong, e leng Jesu Kreste, tsona di kgolo ho feta hakaakang!
Re bua ka tsa bohlale ba Modimo, boo e leng sephiri, bo patehileng, boo Modimo a bo hlotseng le lefatshe le eso be teng, hore e be tlotla ya rona.
Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,
Ke ka yena, ka madi a hae, re lopolotsweng, ra tshwarelwa dibe, ka baka la boholo ba mohau wa hae.
e le hore kajeno, ka kereke, meya e busang, le e laolang sebakeng, e tle e tsebe bohlale ba Modimo ka mefuta yohle ya bona.
ho Modimo ya inotshi, Mopholosi wa rona ka Jesu Kreste, Morena wa rona, e be tlotla, le boholo, le matla, le borena, tseo a bileng le tsona pele ho dinako, le jwale, le kamehla yohle. A ho be jwalo!
A ne a bua ka mantswe a phahameng, a re: “Konyana e hlabilweng e lokela ho amohela borena, le borui, le bohlale, le matla, le hlompho, le tlotla, le thoriso.”