Baefese 1:23 - BIBELE eo e leng mmele wa hae, o phediswang ke yena ka ho tlala, yena ya phediswang ke Modimo ka ho tlala. Sesotho 1909/1961 (SO) Kereke e leng mmele wa hae, le phetheho ya ya phethang ntho tsohle ho bohle. Baasraak Sotho NT E leng mmele wa hae, e leng botlalo ba ya tlatsang tsohle ho bohle. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E leng mmele wa hae, e leng botlalo ba ya tlatsang tsohle ho bohle. |
Ka baka leo, ke tshwanelo hore le ikokobetse, e seng feela ka baka la ho tshaba kgalefo, empa le ka baka la letswalo.
Empa etlare ha tsohle di se di beilwe katlasa Kreste, Mora le yena o tla ba katlasa Modimo, ya beileng tsohle katlasa hae, hore Modimo a tle a buse tsohle, hohle.
E ne e le hore a tle a ba boelanye le Modimo, ba babedi a ba etse mmele o le mong ka sefapano, a fedise bora ka sona.
e le hore kajeno, ka kereke, meya e busang, le e laolang sebakeng, e tle e tsebe bohlale ba Modimo ka mefuta yohle ya bona.
Le tsebe lerato la Kreste le fetang tsebo yohle, e le hore le tlale bophelo bo phethehileng ba Modimo.
Ya ileng a theohela tlase, ke yena ya nyolohetseng hodimodimo ho mahodimo wohle, hore tsohle di tlale boyena.
Ka mokgwa ona bohle re tla fihlela bonngwe ba tumelo le ba ho tseba Mora wa Modimo; re tle re be batho ba phethehileng ha re lekanngwa le boleng bo tletseng ba Kreste.
Mmele o mong le Moya o mong, jwalokaha ho ena le tshepo e le nngwe eo le e bitseditsweng.
Ke thabela ho hlokofatswa ka baka la lona jwale, hobane bothong ba ka ke qetela mahloko a saletseng ho ao Kreste a bileng le wona ka baka la mmele wa hae, e leng kereke.
Ba kgaoditse ho itshwarella ka hlooho, e leng yona e kopanyang mmele wohle ka manonyeletso le mesifa ya wona, e o laole, mme o hole kamoo Modimo a ratang kateng.
Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.
Kgotso ya Kreste e ke e buse dipelo tsa lona. Ke ka kgotso ena Modimo a le bitseditseng ho ba mmele o le mong. Lebohang ke hona.