2 Samuele 7:5 - BIBELE “Tsamaya o yo bolella mohlanka wa ka Davida, o re: ‘Morena o bua tjena: Na ke wena ya tla nkgahela ntlo eo ke tla dula ho yona? Sesotho 1909/1961 (SO) Tsamaya, o bolelle mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova: Na ke wena o reng, o ka nkgahela ntlo, ke tle ke dule ho yona na? |
Kgosi ya laela hore ho tjhekwe majwe a maholo, a bohlokwa a betlwe ka makgethe, ho tla etsa motheo wa Tempele.
“Ha e le mona o haha Tempele ena, tseba hore haeba o ka tsamaya ho ya ka ditsela tsa ka, wa phethahatsa dikahlolo tsa ka, wa boloka melao ya ka, wa tsamaya ka yona, nna ke tla phethahatsa tshepiso ya ka ho wena, eo ke neng ke e etsetse Davida, ntatao.
“Tsamaya, o yo bolella mohlanka wa ka Davida, o re: ‘Morena o bua tjena: O ke ke wa nkgahela ntlo eo ke tla dula ho yona.
Empa Modimo o ile a re ho nna: ‘O ke ke wa nkgahela Tempele, hobane o bile motho wa dintwa, mme o tsholotse madi.’
Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona?