Davida a re ho yena: “O tswa kae?” Monna eo a re ho Davida: “Ke e mong wa bahlabani ba Baiseraele ya phonyohileng.”
2 Samuele 1:4 - BIBELE Davida a re ho yena: “Ho etsahetseng? Ako mpolelle!” Eo a re: “Bahlabani ba balehile ntweng, mme ba bangata ba bona ba bolailwe. Bo-Saule le mora wa hae Jonathane le bona ba bolailwe.” Sesotho 1909/1961 (SO) Davida a re ho yena: Taba di tsamaile jwang na? Ako ntsebise. A re: Setjhaba se balehile ntweng, mme ba bangata ba wele ba shwele; Saule le mora hae Jonathane le bona ba timetse. |
Davida a re ho yena: “O tswa kae?” Monna eo a re ho Davida: “Ke e mong wa bahlabani ba Baiseraele ya phonyohileng.”
Davida a re ho mohlankana ya mmehelang ditaba tsena: “O tseba jwang hore bo-Saule le mora wa hae Jonathane ba shwele?”
hore motho ya neng a mpehele, ha ke le Sikelage, a re ho nna: ‘Bona, Saule o shwele,’ e le ha yena a nahana hore o ntliseditse ditaba tse monate, bakeng sa ho mo nea moputso ka baka la taba tseo tsa hae, ke ne ke mo tshware, ka mmolaya.
Monna eo a re ho Eli: “Ke nna ya tswang thekong ya ntwa; ke balehile teng hona kajeno.” Eli a re ho yena: “Ho etsahetse dife, ngwanaka?”